Ke kgoboetswe hampe ho utlwa seyalemoyeng sa Lesedi Ntate Professor Moleleki a hlalosa ka moo tumelo
ya mosotho e rapelang le ho tlotlisa Jeso Kreste ka teng! Kgele banna, manyala a mohlolo. Ke kgoboetswe
hona hoo ke bileng ke thothomela ke mosito.
Mosotho, ntumelle he fane ka tlhakisetso ya thapelo e na ya sesotho e bileng teng pele ho tumelo ya sekreste.
Ke le kgothaletsa ho fana ka maikutlo a lona le hona ho botsa dipotso tabeng e na.
| Seratswana |
Tlhakisetso |
| O ho modimo a ko re utlwe re ya rapela |
E na ke kgoeletso ho Modimo ho re a utlwe thapelo ya seroki. |
| Modimo e motjha, rapela wa kgale |
E na ke tlotlo le tlhompho ya lenane tatelo ya sedimo ho latela setho. Hopola hore ka setho re na
le lenane tatelo lena: Ramasedi, Badimo, Motho le Medimo. Mona mosotho o boka tatellano ya boholo
ba modimo. (bakeng sa tlhakisetso e batsi ka tatellano ya modimo, bala karolo ya Bodumedi.)
|
| O re rapelle ho e moholo Jere |
Thatiselletso ya lenane tatelo hore le fella ho ya ka hodimo dimo, Ramasedi. |
| Mojari wa ditshito tsa batho |
Polelo e hlalosang hore Ramasedi ke modimo o tshwarelang. Mojari - ya jarang. Ditshito - dimpe kapa
diphoso. E leng ho hlalosang hore Ramasedi o re jarela dimpe tsohle.
|
| Modimo wa lesedi wa Rammoloki |
Ke modimo ya fanang ka lesedi, modimo ya bolokang batho.
|
| Modimo o diatla di maroba |
|
| Atla di robakilwe ke ho reshwela |
|
| Tlhatlhamatjholo Rammoloki |
Tlhatlha ke ho batalatsa. Matjholo ke makukuno. Tlhaloso ya hore modimo o re bolokile mme o re
nolofaletsa mathata.
|
| Hlahla metsi a etse keledi |
|
| Hoba keleding o ntjhafatsa ditjhaba teng |
Sena ke tlhaloso ya tema e bapalwang ke tshwarelo bophelong ba mosotho. Ke ka ho inyatsa le ho
itshwaya phoso moo motho a fumanang tokoloho le ntshwafatso ho tswa ho modimo. Dikgapha di supa
moya wa ho ikwahlaya ha motho a lla mme a keleketlisa meokgo.
|
| Ditjhaba di tswang ho wena mmopong |
Basotho bohle ba tswa ho mmopi wa bona.
|
| Di tlang ho kgutlela ho wena meahong |
Sesupo sa hore bohle ba kgutlela ho modimo ka lefu. Ke ka hona ka sesotho motho ho thweng o
hlokahetse. E leng ho bolelang hore o bitsitwe /batlahetse hae badimong. Mme ke ka hona mosotho a reng bafu
ke bafatshe, ha mmopi yena a le hodimo. Sena ke qapodiso ya tatellano ya modimo ka sesotho. Mosotho ha a
hlokahala o kgutlela ho mmopi, ha a dule mabitleng a lebelletse letsatsi la tsoho ho latela tumelo ya majakane.
|
| Lesedi, kganya. |
Lesedi ha le bonesetse batho, mme kganya a atele lefatshe. Polelo e na e bile e paka kutlwisiso ya mosotho
ya hore ha bohle ba dule ba le kganyeng mme lesedi le ba boneseditse. Ka setho, sena ke setlamo ho motho ka
mong ho ba le kutlwisiso ya lesedi le kganya ya mmopi wa hae.
|