|
Sehlooho sena se tsamaellana le sa Tlhekefetso ya demokrasi bothong ba rona. Empa ke bonne ho hlokeha
ho bua ka CGE, ka ha e loketse ho bapala karolo e molemo tjhabeng sa rona, empa ka maswabi e fetohile
thohako maphelong a Bantsho.
E re ke alle taba ya ka tjena, le ka mohla CGE ha e soka e nyefola moetlo le ditlwaelo tsa makgowa.
Ba hlile ba lwana ka matla ho emela ditokelo tsa tjhaba se sesweu, moo ho fumanehang hore ditokelo tsena
di tlatlapuwe.
CGE e thehiwe ho tshireletsa le ho ntshetsa pele katleho ya bomme, le hona ho netefatsa hore ditlwaelo
tse banyenyefatsang di a nyahlatswa. Ona ke mosebetsi o motle oo bohle re o tshehetsang mme re lakaditseng
ho ba seabo.
Ka bomadimabe, ho fihlela lena CGE e tsitlalletse hore ho nyenyefatsa le ho hatella moetlo le ditlwaelo
tsa tjhaba se setsho. Bona ke bomadimabe bo boholo hobane CGE e etelletswe pele ke bomme ba batho batsho.
E re ke fane ka mehlala e mmedi feela. Wa pele o wa swabisa hobane batho bana e ka ha ba utlwisise le seo
ba se tsekang. Ba lwanela hore moetlo wa Mzulu wa ho hlolwa ha banyana hore e sa ntse e le banana ba
feletseng o fediswe. Ba re ke tlhekefetso ya bana! Sa pele, ha ho motho ya qobellwang ho kenela mokete
ona. Ho feta mona, ketso e na e thusa haholo bakeng sa lefu la kwatsi(HIV) ka ha o kgothalletsa bana ho
se ye sekate pele ho nako.
Na ditokelo tsa bana bana ba lakatsang ho ntshetsa moetlo wa bona pele tsona di tla bolokwa ke mang
CGE e batla ho qobella bohle hore moetlo ona o soto? Hona bosoto bona bo itshetlehile hodima moetlo,
ditumelo kapa ditlwaelo tsa mang? Hona ke mang ya fileng CGE boikarabelo ba ho etsa kgoeletso ee? Ruri
ke maswabisa dihlong ho bona batho batsho ba lwantshana ka ntho tse hlokang moelelo. Haholo jwang ha batho
bana ba re hlodiyang ha kaana ba se na le tsebo ya seo ba se tsekang.
Sa bobedi, mme sena sona ke hopola hore ke manyala a buuwang ke bomme bana. CGE e tseka hore lebollo le
fediswe! Le fediswe tlasa mabaka a fe? Hona na CGE e emetse maikutlo le ditumelo tsa batho bohle? Ke sefe
se tanakellang ditokelo tsa botho ka lebollo? Re etseng ka bana bao ho lokelang ho etswa moetlo oo ho
bona?
A na re tla ba le mmoko wa ho emela le ho ntshetsa botho ba rona pele jwale ka tjhaba se setsho? Na
sohle seo re se etsang le ho se phela se lokela ho latela moetlo le ditlwaelo tsa makgowa? A na bomme baa
ba CGE ba utlwisisa mosebetsi le sebaka sa bona setjhabeng? Mme ho latela tsena tsohle, ke ipotsa hore
na CGE e sa na le moelelo le bohlokwa ba ho tswella pele ka matlotlo a setjhaba?
Ka mora tsena tsohle, ke ipotsa hore na CGE ke sefe seo e se entseng ho ntshetsa pele bomme kapa bona
bontate ba tjhaba se setsho. Seo ke se hopolang ke merusu e tswalwang ke ho tanakella ditaba tse sa batlamang. Bobodu le
manyampetla ka matlotlo ao ba a fuweng.
A na CGE e ne e sa lokela ho ba mokga oo setjhaba se itlotlang ka wona ho latela ka moo dintho di leng
ngata tseo tjhaba sa Rantsho se hatikelwang ho tsona e mpa CGE e kwetse molomo.
Ke dibeha mohatla kgwiti!
|