O mona: Moqoqo > Hana nna ke mang?

Hana nna ke mang?

Basotho ke setjhaba se motlotlo ka botjhaba le nalane ya sona. Malapa ohle a dula ka tebello e kgolo mohlang bana ba bona ba holang mme ba qala malapa a bona ho ntshetsa leloko la bona pele. Sena se bonahala haholo baneng ba bashemany kaha ke bona ba nkang seboko mme ba se atise.

Motso le bohlweki ba seboko di bohlokwa ka ha sena ke wona mohlodi wa tlotla ho batswadi. Ho ne ho tsebahala hore seboko se tla dula se hlwekile hlakoreng la bana ba batona mme ka hona lelapa le bolokehile.

Tsietsi e kgolo mehleng ena ke hore ho nyallanwa ditjhaba tse fapaneng, mme ho kenyelletsa le merabe e fapaneng.

Ha re nke ngwana mosotho ya tswetsweng ke ntate le mme ba basotho. A nyala kgarebe ya mothethwa, ngwana bona yena a nyala ngwana wa lekgowa. Ngwana wa bona yena a nyala ngwana wa amerika. Na motso wa tloholo see sa mosotho o sa hlwekile? Na setloholo sena s ka ipitsa mosotho ya phethahetseng? Ho thatafatsa ditaba le ho feta, ngwana wa mofuta o holela tlasa moetlo le ditlwaelo tsa baditjhaba mme o hola a sa tsebe letho la sesotho.

Ha ngwana wa mofuta ona a lokela ho ipolela seboko, o ba le bothata ba hore na yena hantle ntle yena o wela morabeng ofe. E re ka ha molokong wa hae ho fumaneha basotho, bathethwa le makgowa; na yena seo a leng sona ke sefe.

Ho latela motso ona wa tswakano, na bana ba rona ba lokela ho shebelwa fatshe ka ha bona ho se moo ba welang teng ka semorabe? Re reng ka puo yona ka ha ba bang ha ba kgone le ho buisana le baholo ba bona ba lebaka la ho tsebe puo ya baholo ba bona?

   
           
 Copyright 2008 Nalane ka Fezekile Futhwa
 All rights reserved.