O mona: Moqoqo > Tlholo ya Mme Shilubana

Tlholo ya Mme Shilubana

Setjhaba sa Nwamitwa ke morabe wa Baloi mane Limpopo. Ka lemo sa 1968, Kgosi Fofoza Nwamitwa, o ile ikela boya batho.

Ho hlokahaleng ha hae, kgosi o ne a se na ngwana e motona ho mohlahlama setulong sa borena. Kgosi o ne a e na le bana ba barwetsana, empa ho latela melao ya mmuso wa kgethollo ya makgowa, motho e motsehadi o ne a sa dumellwa ho ka ba morena. Molao o na o fumanwa tlasa customary law le tlasa molawana o laolang marena le makgotla a dinyewe.

Ka baka lena, rangwane wa Mme Shilubana o ile a hlahlama kgosi Fofoza boreneng.

Mme Shilubana o ile a hlahlela nyewe lekgotleng la dinyewe ho tseka borena. Ka la 04 Phupu 2008, lekgotla la dinyewe la molao theho le ile la fana ka taelo ya hore Mme Shilubana ke yena morena ya loketseng wa Baloi mme a kgutlisetswe setulong sa hae.

Ha jwale taba e na tsekiswa lekgotleng la dinyewe ka ha motswalae a tsekisana borena le yena ho latela taelo ya lekgotla la molao theho.

Ka Sesotho, motho wa mme o dumelletswe ho ka ba morena. Sena se etsahala ha a hlahlama monna wa hae boreneng kapa a tshwarela ngwana wa hae e monyane dilemong ho fihlela a hola ho busa setjhaba.

Tjhabeng sa Nwamitwa, ho thwe ngwana e motshehadi a ka nka setulo sa borena e bang e motona a le siyo. Tshita e bakilwe ke melawana ya kgethollo hore a se hlahlame ntatae boreneng.

Ketso e mpang e tshwenya, ke taelo ya lekgotla ka ha le ha nne ho fana ka tlhakisetso mabapi le bokamoso ba taelo ya lona. E re ka ha Mme Shilubana a se a nyetswe, na ho tla etsahala eng ka borena ba Baloi ha ho lokela ho ba le mohlahlami? Lekgotla le itse eo ha se taba ya lona.

Ho feta mona, mme Shilubana o re sena ke tlholo ya ditokelo tsa bomme. Na mme Shilubana o hanetswe ke moetlo kapa ke kgethollo ho ba morena? Na ditokelo tsa bomme di kena kae tabeng tsa setso? Mme Shilubana o tsehetswa ka botlalo ke matona a tjhaba sabo ho latela molao, empa o bua jwalo ka ha e ka ke moetlo o motimmeng monyetla wa ho busa tjhaba sabo.

Na se ha se bake karohano ka ha batho ba iphumana ba lokela ho lekola boemo ba bona ho latela dipolelo tsa Mme Shilubana? Ke mametse mananeo a mararo seyalemoyeng moo mme Shilubana a neng a bua teng mme a hlalosa ka ditokelo tsa bomme. Le ha kwana ke dumellana le taelo ya lekgotla, ke batla ke na le tsietsi ka dipolelo tsa mme Shilubana.

Ke ne ke hopotse hore taelo e na e tla ba mohlala o motle o ka latelwang ho lokisa dimple tsa kgethollo empa ke moo taba e na e se le ka ditokelo tsa bomme. Kgethollo e fetotse ntho tse ngata ditlwaelong le meetlong ya basotho tseo re lokelang ho di kgutlisa. Empa sena se batla thatafala e bang re lahlehelwa ke nnete.
   
           
 Copyright 2008 Nalane ka Fezekile Futhwa
 All rights reserved.