O mona: Moqoqo > Boleng ba Sesotho

Boleng ba Sesotho

Boleng ba Sesotho mehleng ya kajeno.

Na sesotho se sa na le boleng kapa molemo mehleng e ya sejwalejwale? Sethathong ditjhaba tsohle di fuwe puo, moetlo le mahlale hore di phele mme di tswele pele. Hanyane hanyane ditjhaba tsa qala ho kopana mme puo le meetlo ya tsona tsa qala ho phehisana.

Qetellong, tjhaba ka seng se na le lefa la sona leo ka lona se ntshetsang bokamoso ba sona ka lona. Tswelopele le ntshetsopele ya setjhaba e itshetlehile puong le moetlong wa sona.

Puo ke tshiya ya bomoso ba motho ofe kapa ofe. Tsebo le kutlwisiso ya puo ke yona e netefatsang katleho ya motho nthong tsohle tseo a di etsang. Ntle le kutlwisiso ya puo, ha ho seo motho a ka tswellang ho sona.

Mehla ya difaqane e ile ya bona Mazulu a hlola tjhaba tse ding mme a atisa setjhaba sa bona le hona ho ntshetsa pele puo le moetlo wa bona. Mehla ya kgethollo e ile ya hatikela puo le moetle wa tjhaba tsa Rantsho molemong wa ho ntshetsa puo tsa makgowa pele.

Mona ke bua ka puo tse kang senyesemane, seburu le tseding. Ke Aforika Borwa feela moo ngwana Mosotho a hatellwang ho ithuta puo tsa baditjhaba hore a tle a dumellwe ho sebetsa hlakoreng la molao. O lokela ho ithuta senyesemane, seburu le e ngwe ya dipuo tsa yuropa.

Sepheo le maikemisetso a tsena e bile ho ntshetsa puo tsena pele. Di fuwe monyetla hore di ntlafale mme tsa tswelapele.

Ke bomadimabe hore ka mehla ha re bua ka puo tsa Rantsho, batho ba ema matlotlosiya ba re bolella ka moo puo tsa rona di ke keng tsa tswelella ka teng. Ba re bolella ka moo puo tsa rona di re tshwarellang morao ka teng.

Ke botsa ena ho wena mosotho, e bang o ne etsa sohle ka sesotho sa heno, o ka be o le kae ka bophelo? Na dipalo le mahlale ha di re tsietsi ka baka ho se be le kutlwisiso e batsi ya puo eo di rutwang ka yona? Ntho ya pele pele re ka utlwisisa letho re loketse hore re fetolele puo eo ho e o re e tlwaetseng.

Nna ke re sesotho se na le karolo e kgolo bokamosong ba rona mme re kolela ke hona ho se ntshetsa pele mme re se boulelle.

Ditsebanyane di re re ka se kgone ho bala dithuto tsohle ka sesotho. Na ke thuto e fe eo re ka se e baleng ka sesotho? Dipalo(maths)? Matlotlo(accounting)? Tsamaiso(management)? Moruo(economics)? Mahlale(science)? Tikoloho(geography)? Nalane(history)? Bophelo(bio sciences)? Kutlwisiso ya ka ke hore dithuto tsohle di ya fumaneha ha jwale ka puo tsohle, ntle mohlomong le mahlale ka ha ho lokelwa ho tswa phetolelo ya mantswe.

Nna ho ya ka nna maphelo a bohle a ka bebofala ha bohle ba ithuta ka maleme a bona. Ka tsela eo, bohle ba lokela ho ithuta maleme a mangata hore bohle re kgone ho buisana. Basotho ba letsoku ditsebeng ba re sekgowa ke puo ya katleho, na mosotho yena o tla atleha neng ha a duletse ho atlehisa tjhaba tse ding ka ho ithuta puo le meetlo ya tsona?

Bowatla ba basotho bana ke hore ha ba hlokomele hore ke nyehelo e kae eo re lokelang ho e etsa ho thabisa baditjhaba fatsheng la bon ntata rona. Re lokela ho bua puo tsa bona. Re lokela ho bitswa ka mabitso a bona, a sesotho a ya kgeseha mehleng ena. Re lokela ho ithuta le ho tseba meetlo le ditlwaelo tsa bona.

Na baditjhaba bona ba tla ithuta sesotho le ditlwaelo tsa rona neng?

   
           
 Copyright 2008 Nalane ka Fezekile Futhwa
 All rights reserved.