|
Nalane ke lentswe la sesotho le hlalosang letlotlo leo basotho ba le sietswing ke baholo ba bona. Sena se
kenyelletsa puo, moetlo, ditlwaelo le tumelo ya mosotho.
Hobaneng lebitso le Nalane? Ke kgethile Nalane ka ha e akaretsa bophara le botebo ba dikateng tsa bophelo
ba mosotho. Ho feta mona, lentswe lena le tshwanela sohle se amanang le mosotho le bosotho ba hae.
E re ka ha maikemisetso a lenane lena e le ho ntshetsa pele le hona ho boloka sesotho, Nalane e feela e le sona
sebaka se lokelang ho fana ka tsebo, mahlale, maele le keta pele tabeng tsa sesotho. Karolo e na e ne e lokela
ho bapalwa ke marena le matona a bona, jwalo ka boholo holo, empa marena a sejwale a re phoqile ka ha ha ba sana
thahasello le seriti sa ho emela setjhaba sa basotho jwalo ka ba emedi ba sona.
Ho feta mona, dingaka di bonwa jwalo ka baemedi ba rona mme ho botswa ho bona ka sesotho le moetlo. Tshita
ke hore le tsona dingaka tsena di se di hlanohetse botjhaba ba tsona mme tsa kgahlwa ke ditumelo le mekgwa ya
tjhaba tse ding. Taba tse buehang moyeng ke marena, dingaka le baemedi ba basotho di sisimosa maikutlo. Ruri
ke qala ho bona manyala a tjena ka batho nang le sebete sa ho ema ka pela setjhaba mme ba bue ditsie badimo.
Ke reng ka batswadi ba rona? Ka bomadimabe boholo ba batswadi ba rona ba re kgelosa jwalo ka ha ba se ba kgahlilwe
ke moetlo le ditlwaelo tsa sekgowa. Puso ya kgethollo e sebeditse ka matla ho netefatsa sena, mme bothata jwale
bo setse le rona hore re boele re lokise ditaba. Bana ba bangata ha ba sa rutwa moetlo, ha ke sa bua ka puo le
boitshwaro bo amohelehileng hara tjhaba sa basotho.
Re foqwa boitshwaro bo hlephileng ba sekgowa mehla e na diyalemoyeng le ho tsona dibonela hole. Tsela eo
ngwana mosotho a lokelang ho itshwara ka yona e se e bonwa e le ho kwaleha. Mosotho ya sa ntseng a latela
mekgwa le boitshwaro bo tsepameng o bonwa a sa le letsoku ka mora ditsebe.
Mona ke moo re tlang ho tsenkolla ditaba tse amang basotho le botjhaba ba bona.
Sesotho se re moro kgotla ha o okolwe mafura.
|